Letsatsi la tlhophiso: Motsheanong 2005
Ha ho karolo ya tokomane ena e ka hlahiswang botjha kapa ya tsamaiswa ka sebopeho sefe kapa sefe kapa mokgwa ofe kapa ofe ntle le tumello e hlokehang e ngotsweng.
TLHAHLAMANO MOO HO HLOKEHANG TAELO YA MOFU YA KABO YA MAFA A HAE
Karolo/Serapa Taba Leqephe
SELELEKELA ????????????????????? 1
MANTSWE A BOHLOKWA ???????????????.. 2
Boemedi ??????????????????????.. 2
Karolo ya Ngwana ??????????????????????.. 3
MELAWANA YA TLHAHLAMANO MOO HO HLOKEHANG TAELO YA MOFU YA KABO YA MAFA ??????????. 5
Molawana wa 1: Molekane kapa balekane, empa ho se na ba leloko???? 5
Molawana wa 2: Ha ho molekane, empa ho na le ba leloko??????.. 6
Molawana wa 3: Molekane kapa balekane, le ba leloko ?????. 7
Molawana wa 4: Ha ho molekane kapa ba leloko, batswadi ka bobedi ba phela 9
Molawana wa 5: Ha ho molekane kapa ba leloko, motswadi ya mong o a phela, motswadi ya timetseng o siile ba leloko ???????????????????.. 10
Molawana wa 6: Ha ho molekane kapa ba leloko, motswadi ya mong o a phela, motswadi ya timetseng ha siya ba leloko ?????????????????. 11
Molawana wa 7: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi ? batswadi ka bobedi ba siile ba leloko ????????????????????. 12
Molawana wa 8: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi ? motswadi a le mong o siile ba leloko ????????????????????. 12
Molawana wa 9: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi ? ha ho motswadi ya siileng ba leloko ????????????????????. 13
Ha ho bajalefa 14
HO NKELWA SEBAKA KA MOLAO 14
TLHAHLAMANO YA MAFA MOO HO HLOKEHANG TAELO YA MOFU YA KABO YA MAFA
SELELEKELA
Tlhahlamano ya mafa moo mofu a sa siyang taelo ya kabo ya mafa e laolwa ke Molao wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano ya Mafa moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa o qadileng ho sebetsa ka la 18 Tlhakubele 1988 ebile o sebetsa bathong ba shwang ba hloka taelo ya kabo ya mafa a bona (ka ho phethahala kapa karolo ya teng) mohla oo kapa ka morao ho moo.
Molao wa tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa o tsepamisa hore bajalefa ba mofu maemong a latelang:
a Ha mofu a hlotswe ke ho laola hore mafa a hae a tsamaiswe jwang ka taelo eo a siyang a e ngotse kapa ka kontraka ya lenyalo leo eseng la kopanelo ya thepa; kapa b Moo ho leng boima ho phethahatsa ditakatso tsa mofu hobane bajalefa ha ho tehwa mohlala, ha ba kgone ho fumana mafa kapa ha ba battle ho fumana letho kapa ba ile ba hlokahala pele ho mofu.
Ho na le monyetla wa hore motho a ka hlokahala a sa siya taelo ya ka moo mafa a hae a lokelang ho ajwa ka teng kapa karolo e nngwe ya mafa a hae e hloka taelo ya ka moo e lokelang ho ajwa ka teng. Mohlala wa ntlha ya qetelo ke moo mofu a abang karolo ya mafa ho latela taelo ya hae e sebetsang, empa a lebalang ho kenyeletsa masalla a mang a mafa a hae. Moo ho leng tjena karolo e abilweng ho latela taelo ya mofu, e tla tsamaiswa ho latela dipallo dife kapa dife tse teng taelong ya mofu, ha masalla a mafa a tla tsamaiswa ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu.
Pele ho qeto ya Bhe le Ba bang thulanong le Maseterata wa Khayelitsha le Ba bang, Nyeweng ya Nomoro ya 49/03 e ileng ya dihuwa ke Lekgotla la Molao wa Motheo ka la 15 Mphalane 2004 melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu e ne e sa sebediswa bathong ba batsho ba hlokahetseng ba se na taelo ya kabo ya mafa a bona ebile ba nyalane ka molao wa setso wa Sesotho. Qeto ya Bhe jwale e fetotse sena, nakong ya hona jwale kabo ya mafa ya batho kaofela ho sa natswe botjhaba kapa setso sa bona, ba hlokahalang ntle le taelo ya kabo ya mafa a bona e se e tla laolwa ke melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ho latela ka moo e hlahang ka teng Molaong wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano wa Mafa wa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
MANTSWE A BOHLOKWA
Pele ho tshohlwa melawana ya tlhahlamano ya mafa ya moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa ke ntlha a bohlokwa ho hlalosa mantswe kapa mehopolo e itseng ao eleng motheo wa kutlwisiso ya melawana ena.
Ka morero wa ho latela ditlhaloso, ka stirpes ho hlaloswa ngwana ya setseng a phela wa mofu ha mmoho le ngwana ya phelang wa leloko wa ngwana ya hlokahetseng pele wa mofu. Ngwana ya hlokahetseng pele wa mofu ya nang le ngwana a le mong kapa bana ba fetang moo ba phelang ba leloko ba bopa karolo e le nngwe ya stirpes.
Mohlala:
Mohlaleng ona o latelang mofu o na le stirpes tse tharo, e leng A, C le D.
E = mofu
S = mohatsa mofu ya phelang
A, B & D = bana ba hlokahetseng pele ho mofu A B C D
C = ngwana
F, G & H = ditloholo
C ke karolo ya stirpes hobane ke yena ngwana ya setseng wa mofu, ha A le D e le karolo ya stirpes hobane ke bana ba setseng ba leloko. B ha se ngwana wa leloko ya setseng mme ka hoo ha se karolo ya stirpes.
Boemedi
Boemedi bo etsahala, ha ho tshwanelehile le ha ho kgoneha, haeba sebaka sa mojalefa ya sa kgoneng ho fumana lefa kapa ya sa batleng lefa, se nkuwa ke e mong wa bana ba leloko la hae.
Mohlala:
E = mofu
S = mohatsa mofu ya phelang
C = ngwana ya hlokahetseng pele ho mofu A B C
A & B = bana
D & F = ditloholo
Mohlaleng o ka hodimo, D le F ba tla emela ngwana ya hlokahetseng pele wa mofu, C, ha feela ba sa fumanwe ba loketse ho ka hapa lefa la mofu.
Karolo ya Ngwana
Ho latela karolo ya (f) ya Molao wa 1987 wa Tlhahlamano wa Mafa wa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa, jwalo ka ha o fetotswe ke qeto ya Bhe, karolo ya ngwana e balwa ka ho arolwa ha boleng ba tjhelete ba Mafa ho latela palo e lekaneng ya bana ba lokelwang ke ho fumana mafa a mofu - stirpes (ke hore palo ya bana ba mofu ba ntseng ba phela kapa ba ileng ba hlokahala pele ho mofu empa ba na le ba leloko ba ntseng ba phela) ha mmoho le palo ya balekane ba mofu ba salang ba phela. Ntlha ena e ka tshwantshwa tjena:
Ha re teha mohlala mona, boleng ba tjhelete ba mafa a mofu ke R500 000 mme mofu o na le bana ba bararo ba salang ba phela ka morao ho lefu la hae ha mmoho le basadi ba babedi ba nyetsweng ka lenyalo la setso. Palo ya karolo ya ngwana e tla ba: R500 000 ? 5 (3 stirpes + basadi ba 2) = 100 000. Seabo sa ngwana e tla ba R100 000.
Ho latela karolo ya 1 (d) ya Molao wa Tlhahlamano wa Mafa wa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa boemo ba kamano ya madi ya mofu le mofu bo ka arolwa ka dihlopha tse pedi, eleng boemo ba kamano ka mokgwa o otlolohileng le boemo ba kamano ka mokgwa o hlahang ka mahlakoreng.
Mokgweng o otlolohileng, boemo ba kamano bo lekana le palo ya meloko dipakeng tsa ba ka sehloohong (baholoholo) le mofu kapa wa leloko le mofu (ho tla tswa feela hore dintho di eme jwang).
Mohlala:
Batswadi le bana ba mofu 2 nd ba amana le mofu boemong ba pele.
Ba baholoholo le ditloholo ba amana le mofu boemong ba bobedi 2 nd
Kamanong e hlahang ka mahlakoreng, boemo ba kamano bo lekana le palo ya meloko dipakeng tsa kamano ya madi le moholoholo ya haufi wa bona kaofela, ha mmoho le the palo ya meloko dipakeng tsa moholoholo ya jwalo le mofu.
Mohlala:
C & D = baholoholo ba timetseng pele ho mofu C D
A & B = batswadi ba timetseng ba mofu
E = mofu F G A B
S = molekane wa mofu ya timetseng pele ho yena E S
F & G = borangwane/borakgadi H I
H & I = bo motswala
J = motswala wa boemo ba bobedi J
C & D, baholoholo ba timetseng pele ho mofu, ke baholoholo ba haufi ba J le E (mofu). J o amana le mofu boemong ba bohlano.
MELAWANA YA TLHAHLAMANO MOO HO HLOKEHANG TAELO YA MOFU YA MAFA A HAE
Kabo ya mafa ho latela Molao wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya mafa a hae e ka akaretswa ka melawana e robong.
Molawana wa 1: Molekane kapa balekane, empa ho se na ba leloko
Ha mofu a siya molekane kapa balekane, empa ho se na moloko o mong o setseng- molekane kapa balekane ke bona bajalefa ba le bang. Moo mofu e ne e le monna wa manyalo a fapaneng a setso, basadi ba hae ba setseng ba tla hapa mafa a hae ka ho lekana. Molawana wa 1 o ka hlaloswa ke mehlala e latelang:
Mohlala wa A:
Moo mofu e neng e le molekane lenyalong la molekane a le mong mme ho se na meloko e meng e setseng:
E = mofu: S = molekane: A = Ntate: B = Mme: C = ngwana wa habo e motona
Mohatsa mofu ya setseng ke yena feela eo e tla ba mojalefa wa lefa le hlokang taelo ya mofu ya kabo ya mafa, ho sa natswe hore boleng ba mafa ke bokae.
Ha balekane ba ne ba nyalane ka kopanelo ya thepa, molekane ya setseng o tla fumana halofo ya ya lefa ka lebaka la lenyalo la kopanelo ya thepa le halofo e le nngwe ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987.
Haeba balekane ba ne ba nyalane ka ntle ho kopanelo ya thepa, molekane ya setseng o tla hapa mafa ao kaofela ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987.
Mohlala wa B:
Moo mofu e neng e le molekane lenyalong la sethepu la basadi ba fetang molekane a le mong mme ho se na meloko e meng e setseng:
A & B = batswadi ba mofu; E = mofu; C le D = balekane lenyalong la setso la mofu.
Ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987, ho latela ka moo o ileng wa fetolwa ka teng ke qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo ya nyewe e neng e hlahletswe ke Bhe le Ba bang thulanong le Maseterata wa Khayelitsha le Ba bang, balekane ba babedi ba mofu (C le D) ba tla abelwa karolo tse lekanang tsa lefa, ho tehetswe ka thoko ba bang bohle ba lelapa. Haeba mofu a siya basadi ba fetang bobedi ba lenyalo la setso mme ho se na ba bang ba leloko ba setseng, balekane bana kaofela ba tla abelwa lefa ka ho lekana.
Molawana wa 2: Ha ho molekane, empa ho na le ba leloko
Haeba mofu a siya ba leloko mme a hloka molekane ya phelang ? ba leloko ba tla abelwa lefa ka mokgwa wa boemedi wa stirpes.
Mohlala:
A & B = batswadi
X = mofu
C = molekane ya hlokahetseng pele ho mofu X C
E = ngwana ya hlokahetseng pele ho mofu
D & F = bana
J & K = ditloholo D E F
Bana ba mofu, D, E le F ba tla abelwa lefa ka ho lekana. Hobane E o hlokahetse oele ho mofu, ba leloko la hae, J le K ba tla mo emela mme ba fumane karolo ya hae ka ho abelwa ka tekano.
Lemoha tse latelang:
Bana ba mofu kaofela ba na le tokelo ya ho abelwa lefa la hae. Ha ho tsotelehe hore ba tswa lenyalong la setswelopele, lenyalong la setso, ba ile ba tholwa kapa ke bana ba kantle ho lenyalo.
Ho latela karolo ya 1 ya -- Molao wa tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa a mofu taba ya ngwana ya hlahileng kantle ho lenyalo ha e na tshusumetso boemong ba matla a madi a le mang bakeng sa ho abelwa lefa mafeng a moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa a mofu ho ba kamano ya madi.
Molawana wa 3: Ho na le molekane kapa balekane le ba leloko
Haeba mofu a siya molekane kapa balekane le ba leloko ? molekane kapa balekane ba tla abelwa karolo e kgolwanyane ho R125 000 molekane ka mong kapa bakeng sa seabo ngwana ka mong, ba leloko ba tla abelwa masalla, haeba a le teng bakeng sa stirpes ka seng mme le boemedi bo dumeletswe.
Mohlala:
A, B =motswadi
C = ngwana e motona wa habo mofu
E =mofu C E S
S =molekane ya setseng
D = ngwana ya hlokahetseng pele ho mofu
F, G = bana F G D
H, I =ditloholo
Lemoha tse latelang:
Haeba boleng ba mafa bo le ka tlase ho R125 000, molekane ya setseng, mohlaleng o ka hodimo, (S) o tla abelwa mafa kaofela, ho beheletswe ka thoko bana le ba bang ba leloko.
Haeba mofu e ne e le monna lenyalong la sethepu moo ho nang le balekane ba fetang bonngwe mme ho na le basadi ba hae ba fetang bonngwe ba ntseng ba phela, mme boleng ba mafa bo le ka tlase ho R125 000 basadi ba phelang ba tla abelwa ho se setseng ka ho lekana, ho tehetswe ka thoko bana le ba leloko ba lelapa leo.
Haeba se setseng kabong ya mafa se feta R125 000, molekane ya setseng o tla abelwa tjhelete e etsang R125 000 kapa seabo sa ngwana, ho tla tswa feela hore e ka hodimo ho feta ke efe, mme e setseng e tla arolelwa ba leloko ba mofu ho latela mokgwa wa stirpes mme le boemedi bo dumeletswe. Ha molawana ona o sebediswa mohlaleng o ka hodimo, o tla bolela hore F, G le D ba tla abelwa tjhelete e setseng. Hobane D ke ngwana ya hlokahetseng pele ho mofu, seabo sa hae se tla arolelwa ka ho lekana ba moloko wa hae, H le I. Haeba D ha a siya mang kapa mang lelokong la hae, seabo sa hae se tla arolelwa bana ba bang ba mofu, mohlala F le G.
Haeba ho setseng hore ho arolwe mafeng ho feta R125 000 mme mofu a siile molekane ya fetang a le mong (ena e sebetsa moo mofu e neng e le molekane wa mosadi a fetang a le mong lenyalong la setso), mona molekane ka mong o na le tokelo ya ho fumana seabo sa ngwana kapa R125 000, ho se ho tla tswa feela hore karolo e kgolo ho feta ke efe, pele ho arolwa eng kapa eng e setseng ya mofu mme e arolelwa ba leloko la hae.
Hopola hore haeba balekane ba ne ba nyetswe ho latela lenyalo la kopanelo ya thepa, molekane ya setseng o ne a tla fumana halofo ya mafa ho latela matla a lenyalo la kopanelo ya thepa le halofo e nngwe ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987.
Batho ba nyetseng ho latela tlwaelo tsa bodumedi ba Muslim le Hindu ba lokela ho nkuwa ba nyetse mme ba na le tokelo ya ho fumana seabo sa mafa a molekane ya hlokahetseng ho latela Molao wa Tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa a hae. Molawana ona o sebetsa feela moo lenyalo e leng la monyaduwa a le mong. Ba boetse ba na le tokelo ya ho tseka tjhelete ya tlhokomelo ya boiphediso ho molekane wa bona eo eleng mofu. Tadima Daniels thulanong le Campbell NO le Ba bang 2004 SA 331 (CC).
Moo mofu a shwang a siile karolo ya taelo ya kabo ya mafala mme karolo e nngwe e setse e hloka taelo ya kabo ya mafa, tjhelete eo molekane ya setseng a e fumanang ho latela taelo ya kabo ya mafa e behellwa ka thoko ha ho balwa tjhelete e setseng e hloka taelo ya kabo ya mafa ao molekane ya setseng a lokelang ho a fumana ho latela Molao wa 81 wa selemo sa 1987 ? ho atela ?In re MacGillivray?s Will 1943 WLD 29 at 40?.
Molawana wa 4: Ha ho molekane kapa wa leloko, batswadi ka bobedi ba phela
Haeba mofu a siya ho se na molekane kapa e mong wa ba leloko empa ho sala batswadi ka bobedi ba ntse ba phela ? batswadi ba tla abelwa dikarolo tse lekanang.
Mohlala:
A & B = batswadi ba mofu; C = ngwana e motona wa habo mofu; E = mofu; S = molekane wa hae ya timetseng pele ho mofu.
Mohlaleng o ka hodimo, A le B, batswadi ba mofu, ba tla abelwa mafa ka ho lekana, ho beheletswe ka thoko batho ba bang ba habo mofu.
Lemoha hore ha ho na phapano tabeng ya hore batswadi ba mofu ba nyalane, ba arohane kapa ha ba eso nyalane ho hang.
Ho latela mabaka a tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa, batswadi ba mofu ke batswadi ba hae ba tlhaho (ntle le ha mofu a ne a ile a tholwa ke motho e mong ntle le batswadi ba hae ba tlhaho) le batswadi ba ileng ba itholla yena. Lemoha hore haeba mofu o ne a thotswe mme batswadi ba hae ba tlhaho ba nkuwa e se batswadi ba hae.
Batswadi ba bahlokomedi ba ngwana ya sa hodiswang ke batswadi ba hae ha se batswadi ba mofu ho latela mabaka a tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Molawana wa 5: Ha ho molekane kapa ba leloko, motswadi o a phela, motswadi ya timetseng o siile ba leloko
Haeba mofu a sa siye molekane ho se na ba leloko empa ho sala motswadi a le mong, moo motswadi wa mofu a siileng ba leloko ? motswadi ya setseng o tla abelwa halofo ya mafa, mme ba leloko ba motswadi wa mofu ba tla fumana halofo e nngwe.
Mohlala:
A = motswadi wa mofu; B = motswadi ya hlokahetseng pele ho mofu; C = ngwana e motona habo mofu; D = ngwana wa habo ka lekeke moshanyana kapa ngwanana; E = mofu; S = molekane ya hlokahetseng pele ho yena.
Mohlaleng ona, A eleng motswadi wa mofu ya setseng o tla fumana halofo e le nngwe ya kabo ya mafa, ngwana wa habo mofu e motona, C le ngwana wa habo ka lekeke e ka ba moshanyana kapa ngwanana D, o tla fumana halofo e nngwe ka diabo tse lekanang. C le D ba tla amohela halofo ya seabo eo motswadi wa mofu a neng a tla e abelwa ha a ne a phela.
Molawana wa 6: Ha ho molekane, ba leloko, motswadi o a phela, motswadi ya timetseng ha siya ba leloko
Haeba mofu a se na molekane kapa ba leloko la hae empa a siya motswadi a le mong, ha motswadi wa mofu a sa siya mang kapa mang wa ba leloko e mong ? motswadi ya setseng ke yena mojalefa feela.
Mohlala:
Mohlaleng ona A, motswadi wa mofu o a phela, ke yena feela mojalefa.
Molawana wa 7- Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi, batswadi ka bobedi ba siile ba leloko
Haeba mofu a sa siya molekane kapa ba leloko kapa batswadi, ha batswadi ba hae ka bobedi ba bona ba na le ba leloko ba setseng ? ba leloko la batswadi ba hlokahetseng pele ho mofu ba tla fuwa diabo tse etsang halofo tse neng di tla be di fuwe batswadi ka ho fapana.
Mohlala:
A & B = batswadi ba timetseng pele ho mofu
C = ngwana habo mofu e motona
D = ngwana habo mofu ka lekeke
E = mofu
S = molekane ya timetseng pele ho mofu
Hobane mofu o ne a hloka molekane, ba leloko la hae kapa batswadi, mafa a arolwa dikoto tse pedi tsa dihalofo ? ?Mme? o fumana halofo ?Ntate? o fumana halofo e nngwe. Seabo sa halofo sa motswadi ka mong se arolelwa ba leloko la mofu. Mohlaleng o ka hodimo seabo sa A se tla abelwa C eo e leng ngwana wa hae a le mong ya phelang, ha seabo sa B se tla arolelwa C le D ka ho lekana. C o tla abelwa lefa le tswang ho A le B, ha D yena a abelwa lefa la B.
Molawana wa 8: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi, motswadi a le mong o siile ba leloko.
Haeba mofu a sa siya molekane, ba leloko la hae kapa batswadi, ha e mong wa batswadi ba hae ba shweleng pele ho yena ba siile ba leloko ? ba leloko la motswadi enwa ya siileng ba leloko, ke bona bajalefa.
Mohlala:
Mohlaleng o ka hodimo batswadi ba mofu ka bobedi ba hlokahetse mme motswadi a le mong, e leng B, o siile ba leloko. D, ngwana habo mofu ka lekeke ke yena ya tla abelwa mafa ohle.
Molawana wa 9: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi, ha ho motswadi ya siileng ba leloko.
Haeba mofu a sa siya molekane kapa ba leloko kapa batswadi kapa ba leloko la batswadi ? e mong ya haufi ya amanang le bona ka madi ke yena ya tla fuwa lefa.
Mohlala:
C, D = baholoholo ba hlokahetseng pele ho mofu C D
A, B = batswadi ba timetseng pele ho mofu
E = mofu F A B
S = molekane ya timetseng pele ho mofu
F = malome G E S
G = motswala
H = motswala wa bobedi H
Mohlaleng o ka hodimo, F, malome wa mofu, ke yena ya nang le kamano e haufi ya madi, hobane a amana le mofu bohatong ba boraro, ka hoo o tla abelwa mafo ohle a setseng a lokelang ho ajwa. G o amana le E boemong ba bone mme H o amana le E boemong ba bohlano. G le H ba keke ba abelwa letho la E.
Ha ho bajalefa ba teng
Motho a ka nna a hlokahala a sa siya taelo ya kabo ya mafa a hae ebile ho se na motho ya setseng ya kgonang ho abelwa mafa a hae.
Ho latela molao wa rona o tlwaelehileng, moo ho leng jwalo Mmuso o nka lefa le jwalo le hloka beng ba lona (bona vacantia). Taba ena jwale e laolwa ke dikarolo tsa 35 le 92 tsa Molao wa 66 wa selemo sa 1965 wa Tsamaiso ya kabo ya Mafa. Mohato ke hore moo ho sa tsejweng bajalefa ba lefa le hlokang taelo ya mofu ya kabo, molaodi wa kabo ya mafa o fetolela tjheleteng mafa ana a hlokang taelo ya mafo ya kabo mme ka morao hoba a lefe melato ya mofu, o lebisa tjhelete e setseng Letloleng la Mahlokomedi (Guardian?s Fund). Ha ho se na motho ya kgonang ho bontsha hore o tshwanelwa ke ho lefuwa jwalo ka mojalefa wa lefa le hlokang taelo e siilweng ke mofu, ka morao hoba ho fete dilemo tse 30 tjhelete ena e lefuwe Letloleng la Mohlokomedi, tjhelete ena e fetoha ya mmuso.
Molaodi wa Lekgotla le Phahameng o phatlalatsa dintlha tse mabapi le tjhelete ya mafa a setseng a hloka taelo ya mofu a lefuweng Letloleng la Mohlokomedi kgafekgafetsa phatlalatsong e sa tlwaelehang ya Koranta ya Mmuso e le hore batho ba nang le thahasello ba tle ba kgone ho e tseka jwalo ka bajalefa ba lefa la bafu ba amehang.
HO NKELWA SEBAKWA KA MOLAO
Dikarolo tsa 1 le 1 di ile tsa hlahiswa Molaong wa 81 wa selemo sa 1987 wa Molao wa Tlhahlamano ya kabo ya mafa a hlokang taelo ya mofu o Fetotsweng wa 43 wa selemo sa 1992, mme wa qala ho sebetsa ho tloha ka la 1 Mphalane 1992.
Karolo ya 1 e tsepamisa hore: ?Haeba wa leloko la mofu, ho beheletswe ka thoko ngwana ya ka tlase ho dilemo kapa wa leloko ya kulang kelellong, eo ha mmoho le molekane ya setseng wa mofu, a nang le tokelo ya ho una molemo lefeng le hlokang taelo ya mofu a hana tokelo ya ho fumana molemo o jwalo, molemo o jwalo o tIa fuwa molekane a setseng.?
Lemoha dintlha tse latelang:
a Mojalefa o lokela hore e be wa leloko la mofu;
b Mojalefa ya batlang ho nehelana ka tokelo ya hae ya ho una molemo ha a lokela hore e be motho ya ka tlase ho dilemo kapa ya kulang kelellong.
c Mojalefa le molekane ya setseng wa mofu ba lokela hore bobedi ba be le tokelo ya ho una molemo ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa a mofu ya sa siyang taelo ka kabo ya mafa a hae.
d Molekane ya setseng o tla fumana lefa la mojalefa ya sa le batleng.
Mofu Molekane ya setseng (mojalefa)
R25 000 (ya ba leloko )
Wa leloko (R25 000 ) Wa leloko ? o hana ho una molemo wa R25 000
Molemo ona o teng o tla fuwa molekane ya setseng
Karolo ya 1 : ?Ha motho a qheletswe ka thoko hore e se be mojalefa lefeng le hlokang taelo ya mafu ya kabo, kapa a hana ho una molemo wa tokelo ya hae, ho latela dipallo tsa karolwana ya , lefa le tla ajwa jwalo ka ha e ka o ile a timela hang pele ho lefu la mofu, mme moo ho lokelehang, ho tla sebetswa jwalo ka ha e ka o ne a sa qhellwa ka thoko.?
Lemoha tse latelang:
a Mojalefa ha a felle feela ho wa leloko la mofu.
b Mojalefa o lokela hore a qhellwe ka thoko kapa a hane molemo oo a neng a loketswe ke hore a o une ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa a hlokang taelo ya mofu.
c Ha mojalefa a qheletswe ka thoko kapa a hanne ho amohela molemo o neng o mo loketse o nkuwa a ile a hlokahala pele ho mofu, mme motho ya latelang moleng ke yena ya tla abelwa lefa lena le hlokang taelo ya mofu, ntle le ha ho sebediswa pallo ya karolwana ya 6.
a Moo ho se nang molekane ya tla amohela lefa. Mojalefa, a qheletswe ka thoko kapa a hanne ho amohela lefa mme ho setse ba leloko.
Molekane ya timetseng pele ho mofu
Mofu
Ngwana o timetse - mojalefa (R50 000).
O hana, kapa o qheletswe thoko
Ngwana o timetse (R50 000) -seabo sa hae se tla fuwa mojalefa ba leloko la hae
b Moo molekane ya setseng e leng mojalefa ha mmoho le mojalefa e mong ya qheletsweng ka thoko kapa a hanneng lefa ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa a hlokang taelo ya mofu.
Molekane ya setseng (mojalefa)
Mofu (R125 000)
R25 000 (ya ba leloko)
Ngwana wa mofu - mojalefa (R25 000).
Ngwana wa mofu (R25 000) - seabo sa hae se fuwa molekane ya teng
Mojalefa le ha a na le ba leloko la hae.
